×
Tataiso e Bohlokoa sebakeng sa Lemoseleme

ataiso e Bohlokoa sebakeng sa Lemoseleme

Tlhophiso

Muhammad Al-Shahry

2021 - 1443

E ile ea hlahlojoa la ho qetela 04 / 05 / 1443

Ka Lebitso la Allah Ea Lereko Ea Mohau

Selelekela

Lithoriso li be ho Allah, Morena oa lintho tsohle, lithapelo le khotso li be ho Moporofeta le Morumuoa ea hlohonolofetseng ka ho fetisisa, Moporofeta oa rona Muhammad, le ho lelapa la hae le barutuoa ba hae kaofela.

Kamor'a moo:

Ke tlhohonolofatso e kholo ho tsoa ho Molimo (Allah) holim'a motho ka ho mo fa kutloisiso le kamohelo ea Islamo, ho mo tiisa ho eona, ho mo thusa ho phethahatsa melao le melaoana ea eona.Bukeng ena Lemoseleme le ithuta mekhoa e tla mo thusa ho otloloha tumelong ea hae ka tsela e khutsufalitsoeng, e hlakisang lintlha tsa bohlokoa tsa tumelo ena e kholo; ho eketsa tsebo ea hae ho Morena oa hae Ea Tlotlehang, ea Moporofeta oa hae Muhammad (KEL); o rapela Molimo ka kutloisiso e tebileng le tsebo.

Bohlale ba ho bopa bahlanka.

Molimo Ea Matla ohle O re bopile ka bohlale bo boholo ka ho fetisisa , eleng hore ho khumameloe Eena feela, kantle ho molekane, joalokaha Eena Ea Tlotlehang A itse:﴿ وَمَا خَلَقْتُ الْجِنَّ وَالْإِنْسَ إِلَّا لِيَعْبُدُونِ﴾ ('Me ha Kea bopa Meea (masabonoeng) le batho haese hore ba nkhumamele)[Ad-Dhariyaat: 56]Eleng, ho Mo khetholla borapeling A le Mong feela, A se nang molekane (borapeling).Sepheeo sena se seholo se fumaneha liketsong tsa rona le maikemisetsong a rona lefats'eng, Ea Tlotlehang O itse:﴿ أَفَحَسِبْتُمْ أَنَّمَا خَلَقْنَاكُمْ عَبَثًا وَأَنَّكُمْ إِلَيْنَا لا تُرْجَعُونَ * (Ele hore le nahana hore Re le bopetse bosaoana ntle le mabaka le hore ruri ho Rona ha le na khutlela*فَتَعَالَى اللَّهُ الْمَلِكُ الْحَقُّ لا إِلَهَ إِلا هُوَ رَبُّ الْعَرْشِ الْكَرِيمِ﴾ 'Me Ea holimo-limo, Morena Oa 'Nete, ha ho ea lokeloang ke ho rapeloa ntle le Eena, Morena oa Terone e halalelang)[Al-Mowminoon: 115 - 116]

Molimo oaka ke Allah

Allah Ea Holimo-limo O itse:﴿ يَا أَيُّهَا النَّاسُ اعْبُدُوا رَبَّكُمُ الَّذِي خَلَقَكُمْ وَالَّذِينَ مِنْ قَبْلِكُمْ لَعَلَّكُمْ تَتَّقُونَ﴾ (Oho lona batho! Rapelang Morena oa lona Ea le bopileng 'moho le ba tlileng pele ho lona mohlomong le tla ba le ts'abo)[Al-Baqarah: 21].

Allah Ea Holimo-limo O itse:﴿ هُوَ اللَّهُ الَّذِي لَا إِلَهَ إِلَّا هُوَ﴾ (Ke Molimo Eo ho seng molimo kantle ho Eena)[Al-Hashr: 22]

Allah Ea Holimo-limo O itse:﴿ لَيْسَ كَمِثْلِهِ شَيْءٌ وَهُوَ السَّمِيعُ الْبَصِير﴾ (Ha ho letho le ts'oanang le Eena, ke Eena Ea Utloang le ho bona ka ho fetisisa)[Ash-Shura: 11]

(Allah ke Eena Morena oaka le Morena, Mong'a , 'Mopi, Mofani, le Molaoli oa lintho tsohle)

'Me ke Eena feela ea lokeloang ke ho rapeloa, ha ho Morena ntle le Eena le hore ha ho molimo ntle le Eena.

O na le mabitso a matle le boleng bo boholo ka ho fetisisa boo A iphafileng ka bona le Moporofeta oa Hae (KEL) a bo tiisa, 'me O fihletse maikemisetso a tlhoeko le botle, ha ho letho le ts'oanang le Eena, ke Eena Ea Utloang le ho Bona ka ho fetisisa.

Ho tsoa ho mabitso a Hae a matle:

Ar-Razaaq, Ea Lereko, Ea Matla Ohle, Morena, Ea Utloang ka ho fetisisa, Ea Fanang ka khotso, Ea Bonang ka ho fetisisa, Ea Fanang ka ts'ireletso, 'Mopi, Ea Hloekileng ka ho fetisisa, Ea sa hlokeng letho, Ea Ts'oarelang.

Ar-Razaaq: Ea Fanang ka lintho tse phelisang lipelo le 'mele ea bahlanka.

Ar-Rahman (Ea Lereko): Ea Fanang ka mohau le mosa ka tsela e akaretsang ho se khethollo ho libopuoa tsa Hae.

Al-Qadeer: Ea Matla Ohle, Ea senang bofokoli kapa mokhathala.

Al-Malik: Ke Eena Ea hlalosoang ka boleng bo boholo, khatello le tataiso, Mong'a lintho tsohle le Mofani oa lintho tsohle.

As-Sami'u: Ea Utloang tsohle ekabang makunutu kapa tse buang pepeneneng, Ea Utloang likopo le lithapelo tsa bahlanka ba Hae ha ba li lebisa ho Eena.

As-Salaam: Ea Lokolohileng khahlanong le bofokoli, mathata le ho se phethahale.

Al-Basoir: Eo pono ea Hae e akaretsang lintho tsohle, ho sa tsotellehe hore na li kholo kapa li nyane, O bona kahare-hare ho lintho tsohle le hore O na le tsebo e phethahetseng ea lintho tsohle.

Al-Wakeel: Mosireletsi oa lintho tse phelisang libopuoa tsa Hae, Ea Hlokomelang litlhoko le lithahasello tsa tsona, Ea Fetang bahlokomeli ba tsona, Ea li nolofaletsang maphelo 'me O lekane maemong ohle a maphelo a tsona.

Al-Khaaliq: 'Mopi le Moetsi oa lintho kantle ho letho le tlileng pele ho tsona.

Al-Latoif: Ea Tlotlang libopuoa tsa Hae, Ea ba hauhelang 'me Ea ba fang seo ba se kopang.

Al-Kaafi: Ea lekaneng ho phethahatsa sohle seo bahlanka ba Hae ba se hlokang, Ea lekaneng ka thuso ea Hae molemong oa ba bang, 'me O itekanetse ha A hloke thuso ea ba bang.

Al-Ghafur: Ea sireletsang bahlanka ba Hae bobeng ba libe tsa bona 'me ha A ba fe kotlo ka tsona (Ea Ts'oarelang ka ho fetisisa).

Moporofeta Muhammad (khotso ebe le eena)

Allah Ea Holimo-limo O itse:﴿ لَقَدْ جَاءَكُمْ رَسُولٌ مِنْ أَنْفُسِكُمْ عَزِيزٌ عَلَيْهِ مَا عَنِتُّمْ حَرِيصٌ عَلَيْكُمْ بِالْمُؤْمِنِينَ رَءُوفٌ رَحِيمٌ﴾ (Ruri, ho tlile ho lona Morumuoa ho tsoa kahar'a lona. Ho ea mo hlonamisa hore le ka utloa bohloko kapa bothata. O le lakaletsa (ha le ka kena Leholimong) katleho, sebakeng sa balumeli o mosa, mohau le lereko haholo.)[At-Tawbah: 128]

Allah Ea Holimo-limo O itse:﴿ وَمَا أَرْسَلْنَاكَ إِلا رَحْمَةً لِلْعَالَمِينَ﴾ (Ha Rea u roma haese feela mohau ho libopuoa tsa lefats'e)[Al-Ambiya'a: 107]

Muhammad (KEL) ke mohau o inehetseng:

Ke Muhammad mor'a Abdullah mor'a Abdul Muttoalib mor'a Haashim. Haashim ho tsoa ho Quraysh (Kedare), Quraysh ho tsoa ho Ma-Arabo.

'M'e oa hae: Aminah morali oa Wahab, 'm'e oa hae ea mo nyants'itseng Halimah As-Sa'adiyah. O (KEL) ne a nyale basali ba leshome le motso o mong, a hlokahala a siea ba robong ba bona.

Moporofeta (KEL) o ne a e na le bana ba supileng, ba bararo ele ba ba tona ebe ba bane ke basetsana. Bara ene ele Al-Qasim, Abdullah le Ibrahim, athe barali ene ele Zaynab, Ruqayyah, Ummu Kulthum le Fatimah.

Ho ea tlama ho mo mamela (latela) holim'a sohle seo a se bolelang, le ho lumela seo a se tlalehang, ho qoba seo a se hanelang, ho thibela le ho se rapele Molimo kantle le kamoo a rutileng.

Molaetsa oa hae le molaetsa oa baporofeta ba tlileng pele ho eena ke ho bitsetsa borapeling ba Molimo A le Mong, Ea se nang molekane, Ea Holimo-limo O itse:﴿ وَمَا أَرْسَلْنَا مِنْ قَبْلِكَ مِنْ رَسُولٍ إِلَّا نُوحِي إِلَيْهِ أَنَّهُ لَا إِلَهَ إِلَّا أَنَا فَاعْبُدُونِ﴾ ('Me ha Rea romela pele ho uena morumuoa kantle le hore Re mo senolele hore; 'Ruri ha ho molimo o lokeloang ke ho rapeloa kantle le 'Na, 'me ka hona nthapeleng.')[Al-Ambiyah: 25]

'Me eena (KEL) ke mokoallo oa baporofeta le barumuoa joalokaha Ea Tlotlehang A itse:﴿ مَا كَانَ مُحَمَّدٌ أَبَا أَحَدٍ مِنْ رِجَالِكُمْ وَلَكِنْ رَسُولَ اللَّهِ وَخَاتَمَ النَّبِيِّينَ وَكَانَ اللَّهُ بِكُلِّ شَيْءٍ عَلِيمًا﴾ (Muhammad ha se ntate oa emong oa banna ba lona, empa Morumuoa oa Allah le mokoallo oa baporofeta, 'me Allah O na le tsebo e felletseng ka lintho tsohle).[Al-Ahzaab: 40]

Molimo Ea Matla ohle O mo rometse ka tumelo ea Islamo ho batho bohle, joalokaha Ea Tlotlehang A itse:﴿ وَمَا أَرْسَلْنَاكَ إِلَّا كَافَّةً لِلنَّاسِ بَشِيرًا وَنَذِيرًا وَلَكِنَّ أَكْثَرَ النَّاسِ لَا يَعْلَمُونَ﴾ ('Me ha Rea u roma kantle le ho batho bohle, ka litaba tse monate le mohlokomelisi, empa boholo ba batho ha bo tsebe).[Saba: 28]

'Me o (KEL) na le litokelo tse kholo ho Mamoseleme ohle, har'a tsona ke:

1. Ho lumela boporofeteng ba hae, 'neteng le ho ts'epahaleng ha seo a tlileng le sona sa molao o moholo, ho mo mamela le ho mo latela ho ona, Allah O itse:﴿ وَمَا يَنْطِقُ عَنِ الْهَوَى * ('Me ha a bue se tsoang maikutlong a hae*إِنْ هُوَ إِلَّا وَحْيٌ يُوحَى﴾ Ke ts'enolo feela e senotsoeng)[An-Najm: 3 - 4]

2. Ho mo (KEL) rata ho ea tlama, le hore lerato la hae ebe lona le ka sehloohong ho feta la motho emong le emong, ngoana le 'mopo ohle 'me lerato lena le hloka hore la be le its'etlehile le lithuto tsa hae (KEL), ho ipapisitsoe le tataiso ea hae le ho ikobela seo a se laetseng le ho qoba seo a se thibetseng le ho se hanela.

3. Tlhokahalo ea ho ipapisa le lithuto tsa hae (KEL), ts'ehetso, tataiso le ho sheba ho eena ha ho etsoa lintho.

4. Ho mo (KEL) etsetsa lithapelo eleng: ho mo rorisa, ho kopa Molimo hore A etse hore a hopoloe ka linako tsohle le ho mo etsa hore a phahamisoe haholo ka linako tsohle le ho mo tlotlisa. Moporofeta (KEL) o itse:(Ea nthapellang thapelo (ele 'ngoe), Allah O etsa hore a rapelloe makhetlo a leshome).E qotsitsoe ho Muslim.

5. Ho thibela ho fetelletsa litokelong tsa hae (KEL), ho mo phahamisetsa maemong a ka holimo ho ao Allah A mo fileng ona, eo ebileng eleng tlhokomeliso e kholo ka ho fetisisa joalokaha a (KEL) itse:(Le se ke la fetelletsa ho nthoriseng, joalokaha Bakeresete ba fetellelitse ho roriseng mor'a Maria, ruri nna ke mohlanka oa Molimo, ereng Mohlanka oa Allah le Morumuoa oa Hae). E qotsitsoe ho Bukhari.

Tse ling tsa limelo tsa hae (KEL):

'Nete, mohau, qenehelo, mamello, sebete, ho fana, boits'oaro bo botle, toka, boikokobetso le ts'oarelo.

Kor'ane e halalelang ke lentsoe la Molimo

Ea Matla Ohle O itse:﴿ يا أيها الناس قد جاءكم برهان من ربكم وأنزلنا إليكم نورًا مبيناً﴾ (Oho lona batho, bopaki bo tlile ho lona ho tsoa ho Morena oa lona, ebile Re theoletse ho lona khanya e hlakileng)[An-Nisaa: 174]

Kor'ane e halalelang ke lentsoe la Molimo leo A buileng ka lona ele 'nete, leo A le senotseng ho Moporofeta oa Hae Muhammad (KEL) ho nts'a batho lefifing ho ea khanyeng, ho ba tataisetsa tseleng e otlolohileng.Ea e balang o fumana moputso o moholo, ea sebetsang ka tataiso ea eona, o latela tsela e otlolohileng.Abdullah bin Mas'ud (E ka Allah A ka thabisoa ke eena - (AMH)) o itse: Morumuoa oa Allah (KEL) o ne a re:(Ea balang tlhaku ho tsoa bukeng ea Allah, o fumana botle, botle boo bo makhetlo a leshome a bo ts'oanang le bona, ha ke re (الم) ele tlhaku, empa e re Alif ele tlhaku, Lam ele tlhaku le Meem ele tlhaku)E qotsitsoe ho Tirmidhi.

E ka Allah A ka e sireletsa khahlanong le ho fetoloa le ho sengoa, e ka A ka e etsa lets'oao la ka linako tsohle ho fihlela ka Letsatsi la Tsoho.﴿ إِنَّا نَحْنُ نَزَّلْنَا الذِّكْرَ وَإِنَّا لَهُ لَحَافِظُونَ﴾ (Ruri ke Rona ba theoletseng sehopotso 'me kannete Re tla se sireletsa)[Al-Hujr:9]Mang kapa mang ea lekanyang hore Kor'ane ha e ea fella kapa e fetotsoe ke ea buang leshano ka Allah le Morumuoa oa Hae (KEL) ebile sena se mo nts'a tumelong ea Islamo.

Kor'ane e halalelang e kenyellelitse lintho tse neng li kentsoe libukeng tsa pele tse tlileng pele ho eona, ea ba ea eketsa litabeng tsa semoea tse hlokahalang, boits'oaro ba botho, 'me e lumellana le 'nete e libukeng tsa pele, ha ho buka e fumanehang ho tsoa ho Allah nakong ena e tlamang hore e lateloe, e halaletsoe kapa ho rapeloe ka ho qotsa ho eona kapa ho sebetsoe ho ipapisitsoe le eona; kantle ho Kor'ane e halalelang.

Tumelo eaka ke Islamo

Maemo a tumelo a mararo: Islamo, tumelo le bohalaleli.

Boemo ba pele: Islamo

Islamo ke: ho inehela bonngoeng ba Allah, ho ikoba tataisong ea Hae, le ho qoba ho Mo kopanya borapeling le ho batho ba borapeli ba melimo e mengata.

Ts'iea tsa Islamo

Khotso ebe le eena o itse:(Islamo e ahiloe holim'a tse hlano, Shahadah (ho hlapanya) hore ha ho molimo kantle le Allah le hore Muhammad ke Morumuoa oa Allah, ho etsa Salaat (thapelo), ho nts'a Zakah (monyehelo), ho itima ka khoeli ea Ramadhan le leeto la borapeli ho ea Ka'abah.)E qotsitsoe ho Bukhari le Muslim.

Ts'iea tsa Islamo ke borapeli, li tlama Lemoseleme le leng le le leng, Islamo ea motho ha e ea nepahala kantle le ho lumellana le ho tlama ha tsona le ho li phetha; kaha Islamo e thehiloe holim'a tsona ke ka hona li bitsoang lits'iea tsa Islamo.

Lits'iea tsena ke tse latelang:

Ts'iea ea pele: Shahadah eleng ho hlapanya hore ha ho molimo kantle ho Allah le hore Muhammad ke Morumuoa oa Allah.

Allah Ea Matla Ohle O itse:﴿ فَاعْلَمْ أَنَّهُ لَا إِلَهَ إِلَّا اللَّهُ﴾ (Tseba hore ha ho ea lokeloang ke ho rapeloa kantle ho Allah)[Muhammad: 19]

A boela A re Ea Matla Ohle:﴿ لَقَدْ جَاءكُمْ رَسُولٌ مِّنْ أَنفُسِكُمْ عَزِيزٌ عَلَيْهِ مَا عَنِتُّمْ حَرِيصٌ عَلَيْكُم بِالْمُؤْمِنِينَ رَؤُوفٌ رَّحِيمٌ﴾ (Ruri, ho tlile ho lona Morumuoa ho tsoa kahar'a lona. Ho ea mo hlonamisa hore le ka utloa bohloko kapa bothata. O le lakaletsa (ha le ka kena Leholimong) katleho, sebakeng sa balumeli o mosa, mohau le lereko haholo.)[At-Tawbah: 128]

Moelelo oa Shahadah ha ho molimo kantle le Allah: ha ho ea lokeloang ke ho rapeloa ntle le Allah.

Moelelo oa Shahadah hore Muhammad ke Morumuoa oa Allah: Ho mo latela ho seo a se laetseng, ho lumellana le seo a se buileng, ho qoba seo a se thibetseng le ho se hanela, le ho rapela Allah kamoo a bonts'itseng.

Ts'iea ea bobeli: Ho etsa Salaat (Thapelo).

Ea Matla Ohle O itse:﴿ وَأَقِيمُوا الصَّلَاةَ﴾ (Etsang thapelo)[Baqarah: 110]

Ho etsa Salat ke ho latela litsela tseo Allah A faneng ka tsona eleng tseo re li rutiloeng ke Morumuoa oa Hae Muhammad (KEL).

Ts'iea ea boraro: ho nts'a Zakah.

Ea Matla Ohle O itse:﴿ وَآتُوا الزَّكَاةَ﴾ (Nts'ang Zakah)[Baqarah: 110].

Allah O entse hore Zakah e tlame ele ho lekola hore na tumelo ea Mamoseleme e kae, le ho ba beha tekong ea hore na ba tla leboha Morena oa bona holim'a lineo tseo a ba fileng tsona tsa lichelete, le ho thusa mafutsana le bahloki.

Ho fana ka Zakah ke ho e fa ba lokelang.

Eona ke tokelo e tlamang ea lichelete ha li fihletse boleng bo itseng bo hlakisitsoeng, e abeloa lihlopha tse robeli tseo Allah A li hlalositseng kahare ho Kor'ane e halalelang, har'a bona ke mofutsana le mohloki.

Ho lefshoa ha eona ho khetholoha ka mosa le mohau, bohloeki ba maits'oaro le maruo a Mamoseleme, le ho khotsofatsa meea ea mafutsana le bahloki, ho matlafatsa likamano tsa lerato le tsa mali kahar'a litho tsa sechaba sa Islamo. 'Me ka hona, Lemoseleme le ts'abang Allah, le fana ka bokhabane le thabo ka ketso e ntle ka lebaka la ho thaba ha batho ba bang.

Boleng ba Zakah holim'a chelete ke 2.5% ea matlotlo a bolokiloeng ekaba khauta, silifera, chelete ea lipampiri le mouno holim'a thepa ea khoebo e hlophiselitsoeng ho reka le ho rekisa. Ha boleng ba eona bo fihlela boemo bo itseng ebile pokello eo e qetile selemo kaofela.

Joalokaha Zakah e tlama ho motho ea nang le lenane le itseng la liphoofolo (tse kang likamele, likhomo le linku), haeba li fula joang kantle le hore li feptjoe ke mong'a tsona.

Ka ho ts'oana Zakah holim'a lintho tse nts'oang ke lefats'e joaloka matlotlo - eleng se neng se fumaneha mapatong a nako ea Jahiliyyah - ka ho ts'oana le lijo thollo, litholoana le lirafshoang ha li fihletse boleng bo itseng.

Ts'iea ea bone: ho itima ka khoeli ea Ramadhan.

Ea Matla Ohle O itse:﴿ يَا أَيُّهَا الَّذِينَ آمَنُوا كُتِبَ عَلَيْكُمُ الصِّيَامُ كَمَا كُتِبَ عَلَى الَّذِينَ مِنْ قَبْلِكُمْ لَعَلَّكُمْ تَتَّقُونَ﴾ (Oho lona balumetseng, le ngolletsoe joalokaha ho ile hoa ngolloa ba tlileng pele ho lona mohlomong le tla ba le ts'abo)[Baqarah: 110]

Ramadhan ke: khoeli ea borobong selemong ho ea ka alemanaka ea Islamo (Hijri), eona ke khoeli e kholo ho Mamoseleme, e na le sebaka se khethehileng malebana le likhoeli tse ling tsa selemo, ho itima khoeli kaofela ka eona ke e 'ngoe ea lits'iea tse hlano tsa Islamo.

Ho itima ka Ramadhan ke: borapeli ho Allah Ea Matla Ohle ka ho ila lijo, lino le thobalano, tsena tse iloang li iloa ho tloha qalong ea meso ho fihlela ha letsatsi le likela khoeli ea Ramadhan e hlohonofetseng kaofela ha eona.

Ts'iea ea bohlano: Hajj (leeto la borapeli) ho ea Ka'abah (Ntlong ea Allah).

Ea Matla Ohle O itse:﴿ وَلِلَّهِ عَلَى النَّاسِ حِجُّ الْبَيْتِ مَنِ اسْتَطَاعَ إِلَيْهِ سَبِيلًا﴾ (Holim'a batho ho ea tlama ho etela Ntlong (ho etsa Hajj) ho ea nang le bokhoni sebakeng sa Allah)[Ali Imran:97]

Hajj e tlama motho ea nang le bokhoni ba ho e etsa, bonyane lekhetlo le le leng bophelong, eleng: ho ikemisetsa ho ea Ntlong ea Allah, le libakeng tse halalelang motseng oa Makkah Al-Mukaramah ho ea etsa liketso tse khethehileng tsa borapeli ka nako e khethehileng, ruri Moporofeta (KEL) o ile a etsa hajj le ba bang ba baporofeta pele ho eena, Allah O ile A laela Ibrahim (KEL) hore a bitse batho ba eo etsa hajj, joalokaha A boletse kahare ho Kor'ane e halalelang, moo A itseng:﴿ وَأَذِّنْ فِي النَّاسِ بِالْحَجِّ يَأْتُوكَ رِجَالًا وَعَلَى كُلِّ ضَامِرٍ يَأْتِينَ مِنْ كُلِّ فَجٍّ عَمِيقٍ﴾ (Bolella batho ka Hajj. Ba tla tla ho uena ba tsamaea ka maoto, ba bang ba kalletse likamele tse nonneng, ba tla tla ka makhalo ohle a hole ho hlaha le lithabeng tse hole (ho tla etsa hajj).[Al-Hajj: 27]

Boemo ba bobeli: tumelo

Tumelo (Iman): ke ho lumela ka tieo, ho phethahatsa tsohle tseo Molimo le Morumuoa oa Hae ba li laetseng hore ho lumeloe ho tsona, le boinehelo sephiring le pooaneng.

Ts'iea tsa tumelo

Moporofeta (KEL) o ile a botsoa ka tumelo (iman) eaba o re:(Ke ho lumela ho Allah, Mangeloi a Hae, Libuka tsa Hae, barumuoa ba Hae, Letsatsi la ho qetela le ho lumela ho Qadr (lintho tseo Allah A re ngoletseng tsona kamor'a ho emoloa) botle ba eona le bobe ba eona.

Lits'iea tsa tumelo ke lintlha tsa borapeli tsa semoea tse tlamang Lemoseleme le leng le le leng, 'me Islamo ea motho ha e phethahale kantle le ho lumela le ho sebetsa ka tsona. Ke ka hona li bitsoang lits'iea tsa tumelo.Phapano lipakeng tsa tsona le lits'iea tsa Islamo ke hore lits'iea tsa Islamo ke lintho tse etsoang kapa tse bonahalang ha li etsoa joaloka ho etsa Shahadah ka mantsoe, ho etsa thapelo, ho nts'a Zakah empa joale tsena tsa tumelo ke bolumeli bo ka pelong 'me ke tseo motho a li etsang ho latela se ka pelong ea hae mohlala: ho lumela ho Allah, ho Mangeloi a Hae, ho Libuka tsa Hae le ho Barumuoa ba Hae.

Ts'iea ea pele: Ho lumela ho Allah

Ea Matla Ohle O itse:﴿ إِنَّمَا الْمُؤْمِنُونَ الَّذِينَ آمَنُوا بِاللَّهِ﴾ (Ruri balumeli bao ba lumetseng ho Allah)[An-Nur: 62]

Re lumela boteng ba Allah, le ho bonngoe ba borena ba Hae, bomolimo, mabitso le boleng. Ho lumela ho Molimo ho kenyelletsa tse latelang:

- Ho lumela boteng ba Ea Tlotlehang Ea Matla Ohle.

- Ho lumela ho borena ba Hae, Ea Tlotlehang Ea Matla Ohle, eo ruri eleng Morena oa lintho tsohle, le 'Mopi, Mofani le Molaoli.

- Ho lumela ho bomolimo ba Hae, Ea Tlotlehang, Ea lokeloang ke ho rapeloa A le Mong, Ea se nang molekane kapa mothusi sebakeng sa lintho tsohle, tse joaloka: Salat, thapelo, ho hlapanya, mahlabelo, ho kopa thusa, ho kopa ts'ireletso le lintho tse ling tsohle tsa borapeli.

- Ho lumela ho Mabitso a Hae a matle le Boleng ba Hae bo phahameng boo A bo tiisitseng ka Boeena kapa bo boletsoeng ke Moporofeta oa Hae (KEL), ho hanyetsa seo A se hanyelitseng ka Boeena kapa se hanyelitsoeng ke Moporofeta (KEL), Mabitso a Hae le Boleng ba Hae a fihletse ho phethahala le botle le hore ha ho letho le ts'oanang le Eena, le hore ke Eena Ea Utloang le ho Bona ka ho fetisisa.

Ts'iea ea bobeli: Ho lumela ho Mangeloi.

Ea Matla Ohle O itse:﴿ الْحَمْدُ لِلَّهِ فَاطِرِ السَّمَاوَاتِ وَالْأَرْضِ جَاعِلِ الْمَلَائِكَةِ رُسُلًا أُولِي أَجْنِحَةٍ مَثْنَى وَثُلَاثَ وَرُبَاعَ يَزِيدُ فِي الْخَلْقِ مَا يَشَاءُ إِنَّ اللَّهَ عَلَى كُلِّ شَيْءٍ قَدِيرٌ﴾ (Thoriso tsohle le liteboho li be ho Allah, 'Mopi oa Maholimo le lefats'e, Ea bopileng Mangeloi ele barumuoa ba nang le mapheeeo a mabeli, a mararo kapa a mane, O eketsa 'mopo kamoo A ratang. Ruri, Allah O na le bokhoni ba ho etsa lintho tsohle.)[Faatir: 1]

Re lumela hore ruri Mangeloi ke litaba tsa sephiri sa Molimo, le hore kannete ke 'mopo o khumamelang Allah ka linako tsohle ebile Allah O o bopile ho tsoa khanyeng, A a etsa hore a lule a Mo mamela a phetha litaelo tsa Hae ka linako tsohle.

Ke 'mopo o moholo oo eleng Allah A inoosi Ea tsebang matla a ona le palo ea ona, le leng le le leng le na le boleng ba lona bo khetholohileng, mabitso le mefuta kamoo Allah A a khethileng ka teng, har'a ona ho na le Jibril (KEL) ea ikarabellang ho ts'enolo ho tsoa ho Allah ho ea ho Barumuoa ba Hae.

Ts'iea ea boraro: Ho lumela libukeng.

Ea Matla Ohle O itse:﴿ قُولُوا آمَنَّا بِاللَّهِ وَمَا أُنْزِلَ إِلَيْنَا وَمَا أُنْزِلَ إِلَى إِبْرَاهِيمَ وَإِسْمَاعِيلَ وَإِسْحَاقَ وَيَعْقُوبَ وَالْأَسْبَاطِ وَمَا أُوتِيَ مُوسَى وَعِيسَى وَمَا أُوتِيَ النَّبِيُّونَ مِنْ رَبِّهِمْ لَا نُفَرِّقُ بَيْنَ أَحَدٍ مِنْهُمْ وَنَحْنُ لَهُ مُسْلِمُونَ﴾ (Ereng, re lumetse ho Allah, le ho se senotsoeng ho rona, le se senoletsoeng Abrahama, Ishmaele, Isaaka, Jakobo, Al-Asbaat (litloholo tsa Jakobo) le se filoeng Musa le Jesu le se filoeng Baporofeta ho tsoa ho Morena oa bona, ha re bone phapano lipakeng tsa bona 'me ka ho fela ha rona re inehetse ho Eena.)[Baqarah: 136]

Re lumela hore Allah Ea Matla Ohle O theoletse libuka ho Morumuoa oa Hae, e le bopaki sebakeng sa libopuoa le tataiso ho libopuoa.

Ba ba ruta bohlale 'me ba ba hloekisa.

Tlotla ebe ho Allah, ka ho romela Moporofeta oa Hae, Muhammad (KEL) ho sechaba sohle, ka ho hlakola melao ea nako e fetileng, A ba A etsa Kor'ane e halalelang hore ebe eona e okametseng libuka tsohle tse tsoang Leholimong 'me e li hlakole, Allah O entse bonnete ba hore O sireletsa Kor'ane khahlanong le ho hlakoloa kapa ho sengoa.﴿ إِنَّا نَحْنُ نَزَّلْنَا الذِّكْرَ وَإِنَّا لَهُ لَحَافِظُونَ﴾ (Ruri, Rona Re theoletse sehopotso 'me ruri Rona Re tla se sireletsa)[Al-Hijr: 9]Ka hobane Kor'ane e halalelang ke buka ea ho qetela ho tsoa ho Allah ho ea ho batho, le Moporofeta oa Hae Muhammad (KEL) ke Morumuoa oa ho qetela, le tumelo ea Islamo ke tumelo eo Allah A e khethetseng batho ho fihlela ka Letsatsi la ho qetela, Ea Matla Ohle O itse:﴿ إِنَّ الدِّينَ عِنْدَ اللَّهِ الْإِسْلَامُ﴾ (Ruri, tumelo ho Allah ke Islamo)[Ali Imran: 19]

Libuka tseo Allah A li senotseng 'me tseo A buileng ka tsona ka bukeng ea Hae ke tsena:

Kor'ane e halalelang: Allah O e senotse ho morumuoa oa Hae Muhammad (KEL).

At-Taurah: Allah O e senotse ho morumuoa oa Hae Musa (KEL).

Injil (Evangeli): Allah O e senotse ho morumuoa oa Hae Jesu (KEL).

Zabur: Allah O e senotse ho morumuoa oa Hae Dawood (KEL)

Suhuf Ibrahim: Allah O e senotse ho morumuoa oa Hae Ibrahim (KEL).

Ts'iea ea bone: Ho lumela ho barumuoa.

Ea Matla Ohle O itse:﴿ وَلَقَدْ بَعَثْنَا فِي كُلِّ أُمَّةٍ رَّسُولاً أَنِ اعْبُدُواْ اللّهَ وَاجْتَنِبُواْ الطَّاغُوتَ﴾ (Kannete Re rometse morumuoa sechabeng se seng le se seng hore ba rapele Allah ba furalle melingoana).[An-Nahl: 36]

Re lumela hore Allah Ea Matla Ohle O rometse barumuoa ho bitsetsa batho ho Mo rapeleng, A le Mong, ntle le mokena lipakeng, le ho se lumele ho se rapeloang kantle ho Eena.

'Me kannete kaofela ha bona ene ele batho, batho bao eneng ele bahlanka ba Molimo, le hore ene ele batho ba 'nete ba ts'epahalang, ba neng ba ts'aba Allah ebile ho bolokehile ho ba har'a bona, masupa tsela a neng a tataisehile, Molimo O ile A ba ts'ehetsa ka litemana tse pakang bots'epehi ba bona, 'me ba fetisitse tsohle tseo Allah A neng A ba rometse ka tsona, le hore kaofela ha bona ba ne ba le tseleng ea 'nete e hlakileng le tataisong e nepahetseng.

Ruri, pitso ea bona e ne e lumellana ho tloha qalong ho isa qetellong ea bona qalehong ea bolumeli, eleng bonngoeng ba Molimo Ea Matla Ohle borapeling le ho thibela ho Mo kopanya le libopuoa tsa Hae borapeling.

Ts'iea ea bohlano: Ho lumela ho Letsatsi la ho qetela.

Ea Matla Ohle O itse:﴿ اللَّهُ لَا إِلَهَ إِلَّا هُوَ لَيَجْمَعَنَّكُمْ إِلَى يَوْمِ الْقِيَامَةِ لَا رَيْبَ فِيهِ وَمَنْ أَصْدَقُ مِنَ اللَّهِ حَدِيثًا﴾ (Allah, ha ho ea lokeloang ke ho rapeloa ntle le Eena, O tla le bokella ka Letsatsi la Kahlolo, leo ho seng khoao ka lona, ke mang ea nang le litaba tsa 'nete ho feta Allah?)[Nisaa: 87]

Re lumela ho Letsatsi la ho qetela eleng Yawmul Qiyamah leo ho seng letsatsi kamor'a lona, re lumela ho tsohle tse amanang le lona, ho ea kamoo Morena oa rona A re bolelletseng ka teng bukeng ea Hae e halalelang kapa seo Moporofeta oa Hae (KEL) a re bolelletseng ka teng, joaloka ho shoa ha motho, ho fuoa ts'enolo, tsoho ea bafu, ho kena lipakeng, sekala, moputso, Leholimo, Lihele le tse ling tse ngata tse its'etlehileng ka Letsatsi la ho qetela.

Ts'iea ea bots'elela: Ho lumela ho qadr botle ba eona le bobe ba eona.

Ea Matla Ohle O itse:﴿ إِنَّا كُلَّ شَيْءٍ خَلَقْنَاهُ بِقَدَرٍ﴾ (Ruri, lintho tsohle Re li entse ka tekanyetso ea nako)[Baqarah: 49]

Re lumela ho qadr (tsela eo Allah A re bopileng hore re tlo phela ka eona) botle ba eona le bobe ba eona, 'me ke khakanyo ea Molimo O Matla Ohle ea libopuoa tsa Hae, ho ea tsebong ea Hae, e ipapisitseng le bohlale ba Hae, le hore ntho e 'ngoe le e 'ngoe e hlahelang libopuoa ea liketsahalo tsa lefats'e lena ke ka tsebo le tumello ea Ea Matla Ohle, Khanya ebe ho Eena, le tsamaiso ea Hae A Inoosi, Ea se nang molekane (bomolimong ba Hae), le hore sena se hlophisitsoe le ho ngoloa le pele ho boptjoa motho, le hore motho o filoe khetho ea ho etsa seo a se ratang le boikhethelo, le hore ke moetsi oa liketso tsa hae ka sebele (ka kelello e hlaphohetsoeng); empa sena ha se thibele kapa ho latola tsebo ea Allah, le ho rata hoa Hae le tumello ea Hae.

Kaha ho lumela ho Qadr ho its'etlehile holim'a maemo a mane eleng:

Ba pele: Ho lumela tsebong ea Allah e akaretsang.

Ba bobeli: Ho lumela hore Allah O ngotse tsohle tse tla etsahala ho tloha ts'imolohong ho fihlela ka Letsatsi la Tsoho.

Ba boraro: Ho lumela ho thato ea Molimo le matleng a Hae a phethahetseng, kahoo seo A se ratang hore se phethahale se ea phethahala 'me seo A sa rateng ha se phethahala ha se phethahale.

Ba bone: Ho lumela hore Allah ke Eena Moetsi ('Mopi) oa lintho tsohle, ha A na mothusi 'mopong oa Hae.

Boemo ba boraro: Ho etsa hantle (Al-Ihsaan)

Al-Ihsaan ke: ho rapela Allah joalokaha eka u ea 'Mona, haeba u sa 'Mone (tseba hore) Eena O ea u bona. Ea Matla Ohle O itse:﴿ إِنَّ اللَّهَ مَعَ الَّذِينَ اتَّقَوْا وَالَّذِينَ هُمْ مُحْسِنُونَ﴾ (Ruri, Allah O na le ba lokileng le ba etsang hantle)[An-Nahl: 128]

Bohloeki

Ea Matla Ohle O itse:﴿ إِنَّ اللَّهَ يُحِبُّ التَّوَّابِينَ وَيُحِبُّ الْمُتَطَهِّرِينَ﴾ (Ruri, Allah O rata ba bakang 'me O rata ba itlhoekisang)[Baqarah: 22]

Khotso ebe le eena o itse:(Ea itlhoekisang ka tsela e ts'oanang le wudhu ena eaka, ebe o rapela thapelo e likoto li peli, ha ho se ka mo etsahallang kahar'a tsona, Allah O tla mo ts'oarela libe tsa hae tseo a e song ho li etse)E qotsitsoe ho Bukhari.

E 'ngoe ea litaba tse kholo tsa thapelo ke hore Allah O tlisitse bohloeki pele ho eona, a boela a bo etsa pehelo ea bophelo ba eona (thapelo), 'me bona ke senotlolo sa thapelo, 'me ho utloisisa melemo ea eona ho etsa hore pelo e batle ho etsa thapelo, Moporofeta khotso ebe le eena o itse:(Ho itlhoekisa ke karolo ea tumelo, ho re Alhamdulillah (liteboho li be ho Allah) ho fihlela sehlohlolo sa sekala, 'me Subhanallah wal hamdulillah li ea qetella - kapa li qetella - se lipakeng tsa Maholimo le lefats'e, thapelo ke khanya, linyehelo (Soadaqah) ke bopaki, mamello ke leseli, ha Kor'ane ele paki ea hao kapa ho uena, motho emong le emong o itlama ho etsa botle sebakeng sa hae kapa bobe)E qotsitsoe ho Muslim.

Khotso ebe le eena o itse:(Ea etsang wudhu, ebe o e etsa hantle, libe tsa hae li tla tsoa 'meleng oa hae ho fihlela li tsoile le manaleng a hae)E qotsitsoe ho Muslim.

Mohlanka o atamela ho Morena oa hae ka bohloeki ba 'mele ka ho etsa wudhu, le bohloeki ba semoea ka ho etsa ketso ena ea bolumeli sebakeng sa Allah ka ho khetholoha, a latela tataiso ea Moporofeta (KEL).

Ke eng e tlamang (ho etsoa ha) wudhu:

1- Thapelo (Salaat) ka kotloloho ho sa tsotellehe hore ke e tlamang kapa ea boithaopo.

2- Ho pota-pota Ka'abah.

3- Ho ts'oara Mus-haf (Kor'ane).

Wudhu le ghusl li etsoa ka metsi a hloekileng:

Metsi a hloekileng ke: metsi ohle a theohang leholimong kapa a kollang ho tsoa fats'e, a ntseng a le maemong a ona a tlholeho, a sa fetohang maemong a ona a mararo, eleng: 'mala, tatso le monko: ka lintho tse fetolang metsi maemong a ona kapa tse a tlosang boemong ba hore a bitsoe metsi.

Wudhu

Mothati oa pele: Maikemisetso 'me sebaka sa ona ke pelong, moelelo oa Maikemisetso: boikemisetso ba pelo holim'a borapeli bo atametsang ho Allah Ea Matla Ohle.

Mothati oa bobeli: Ke re: Ka lebitso la Allah.

Mothati oa boraro: ho hlatsoa liatlana makhetlo a mararo.

Mothati oa bone: ho itsukunya lehano makhatlo a mararo.

Al-madmadoah ke: ho kenya metsi ka molomong ebe o a mathisa ka teng, ebe a nts'oa (a ts'oeloa).

Mothati oa bohlano: Al-Istinshaaq le Al-Istinthaar, ho kenya metsi ka linkong, ebe o ea a nts'a makhetlo a mararo. Al-Istinshaaq: ho kenya metsi ka linkong ho ea kahare-hare ho tsona.

Al-Istinthaar: ke ho nts'a metsi a kentsoeng ka linkong le kantle ho tsona.

Mothati oa bots'elela: ho hlatsoa sefahleho makhetlo a mararo.

Moeli oa sefahleho:

Sefahleho: karolo ea hlooho eo ho shejoang ka eona.

Bophara ba sona: ho tloha tsebeng ho ea tsebeng e latelang.

Bophahamo ba sona: se lipakeng tsa moo moriri oa hlooho o qalang phatleng ho ea tlas'a selelu.

Ho hlatsoa sefahleho ho kenyelletsa sohle ho tloha qalong ea moriri, ka ho ts'oana le litelu le kamor'a litsebe.

Al-Bayaad ke: nama e bonolo e phunngoang sebakeng sa masale.

Al-Idhaar ke: Moriri o theohang kapel'a tsebe ho tloha hloohong moo phatla e qalang, ho fihla litelung oo ka Sesotho ho thoeng ke masetache.

Ka ho ts'oana, e kenyelletsa ho hlatsoa sefahleho kaofela ha sona, le litelung moo li bokellaneng.

Mothati oa bosupa: ho hlatsoa matsoho ka bobeli ho qala ka menoana ea letsoho ho ea litsung makhetlo a mararo.

Ho kenyelletsa litsu ho hlapeng matsoho ho ea tlama.

Mothati oa borobeli: ho pholla hlooho kaofela ha eona ka matsoho a metsi ho kenyelletsa le litsebe lekhetlo le le leng.

Ho qaloa ho tloha moo hlooho e qalang ho ea morao sekotlong ebe ho khutleloa moo ho qaluoeng teng.

O kenya menoana ea hae e 'meli e supang ka linkong, ebe o latellisa ka menoana ea hae e 'meli e metona kamor'a litsebe; ebe o pholla bokahare le bokantle ba litsebe tsa hae.

Mothati oa borobong: Ho hlatsoa maoto ka bobeli ho qala ka menoana ea maoto ho ea maqaqailaneng makhetlo a mararo, ho hlatsoa maqaqailane a maoto ka bobeli ho ea tlama.

Al-Ka'abaani: maqaqailane eleng masapo a fumanehang maotong ka bobeli a fumanehang lipakeng tsa leoto le qetellong ea 'moomo.

Mothati oa leshome: Ke Sunnah ho Lemoseleme kamor'a ho etsa Wudhu ho re "Ash hadu an laa ilaha illallahu wahdahu laa sharika lah, wa ash hadu anna Muhammadan 'abduhu wa rasuluh, Allahumma ij'alni minat tawwaabina, waj 'alni minal mutadoah hirin" ho ea ka puo ea Moporofeta (KEL): (Ea etsang wudhu, ebe o etsa wudhu ea hae ka bokhabane, ebe o re: Ke beha bopaki hore ha ho ea lokeloang ke ho rapeloa kantle ho Allah Ea Inoosi, Ea se nang molekane, ke boele ke behe bopaki hore Muhammad (KEL) ke mohlanka le morumuoa oa Hae, oho Allah nketse emong oa ba bakang, U nketse emong oa ba hloekileng, o buleloa mamati a robeli a Leholimo, 'me o kena ka leo a le ratang.) E qotsitsoe ho Tirmidhi.

Wudhu e sengoa ke maemo ana:

1. Se tsoang ka masobeng a mabeli joaloka mosese, makaka, bosulu le maro a thobalano.

2. Ho lahleha ha kelello eleng boroko bo tebileng, ho akheha, ho taoa kapa bohlanya.

3. Sohle se qobellang ghusl joaloka thobalano, ho ea matsatsing (ha basali kapa baroetsana), le mali a tsoang kamor'a ho beleha ngoana.

Ha motho a qeta ho ipholosa kapa a tsoa ntloaneng ho ea tlama hore a tlose lits'ila tse ho eena ka metsi a hloekileng eleng se khothaletsoang haholo, kapa kantle ho metsi a hloekileng haele feela ele se tlosang lits'ila joaloka majoe, lipampiri kapa masela kapa tse ling kantle ho tsona, ha feela ele e 'ngoe ea lisebelisuoa tse tharo tsa ho hloekisa kapa lenane le ka holimo ho tse tharo, ha feela li hloekile ebile ele tse lumelletsoeng.

Ho pholla holim'a likausu tsa letlalo le tsa lesela.

Maemong ao motho a roetseng likausu tsa letlalo kapa tsa lesela ho ea lumelleha hore a pholle matsoho a metsi kaholim'a tsona kantle le hore a hlatsoe maoto, lipehelo tsa teng ke tsena:

1. Hore ebe li roetsoe kamor'a ho itlhoekisa ka botlalo khahlanong le lits'ila tse nyane le tse kholo.

2. Hore ebe li hloekile kantle ho lits'ila.

3. Hore ebe li pholloa ho ipapisitsoe le nako ea teng.

4. Hore ebe li lumelletsoe, eseng tse utsoitsoeng kapa tse nkuoeng ka likhoka.

Al-Khufaanu ke: se roaloang maotong sa letlalo le suoeng le bonolo kapa se joalo, mohlala oa tsona ke lieta tse koaelang maoto. Al-Jawrabaanu ke: se roaloang maotong sa lesela kapa se joalo, mohlala oa teng ke sebitsoang likausu.

Lebaka le tloaelehileng la ho pholla holim'a Khuf-ain: lebaka la ho pholla holim'a likausu ke ho nolofaletsa kapa ho etsa hore ho be bobebe ho Mamoseleme, bao ho leng thata hore ba role likausu tsa letlalo kapa tsa lesela hore ba hlatsoe maoto, ka ho khetholoha ka linako tsa mariha ha serame se le boima, leha motho a le leetong.

Nako ea ho li pholla ka matsoho a metsi: Motho ea seng leetong, ea moo a phelang ke letsatsi le bosiu eleng lihora tse mashome a mabeli le metso e mene. Ea leetong: ke matsatsi a mararo le masiu a teng eleng lihora tse mashome a supileng le metso e 'meli.

Nako ea ho pholla ka holim'a likausu ekabang tsa letlalo kapa tsa lesela e qala kamor'a hore motho a nchafatse wudhu ea hae khetlo la pele.

Tsela ea ho pholla holim'a likausu tsa letlalo le tsa lesela:

1. Ho kolobisa matsoho.

2. Ho mathisa letsoho holim'a leoto (ho tloha qalong ea menoana ho ea qalehong ea 'moomo).

3. Ho pholloa leoto le letona ka letsoho le letona, leoto le lets'ehali ka letsoho le lets'ehali.

Lintho tse felisang ho pholla: 1. Lintho tse etsang hore ho etsoe ghusl. 2. Ho fela ha nako ea ho pholla.

Ghusl

Haeba ho etsahala hore monna kapa mosali a iphumane a entse thobalano, leha a sa nts'a lero la thobalano, kapa metsi a tsoang ka lebaka la ho tsoheloa kapa ho matha hoa mali, kapa ha motho a lorile ebe lero la thobalano le ea tsoa; tlaas'a maemo ano ghusl e ea hlokahala hore a tle a khone ho etsa thapelo kapa se tlamang hore se etsoe tlaas'a bohloeki.Ka ho ts'oana mosali ha a qeta ho emisa matsatsing kapa maling a kamor'a pelei ghusl e ea mo tlama pele a ka etsa lintho tse amanang le thapelo kapa lintho tse tlamang bohloeki.

Tsela ea ho etsa ghusl ke e latelang:

Ke hore Lemoseleme le kolobise 'mele oa lona kaofela ka metsi ka tsela efe kapa efe, ho kenyelletsa ho hloekisa ka linkong (ho thimola) le ho khakhatsa (ho itsukunya), ha a mathisa metsi 'meleng oa hae o tlosa lits'ila tse kholo, 'me bohloeki ba hae bo ea phethahala.

Ho boetse ho na le mokhoa o mong hape o ntseng o felletse, ona ke oo Moporofeta (KEL) a neng a o etsa, ona o ka tsela e latelang:

01-Maikemisetso a ho tlosa lits'ila.

02- At-tasmiyah (ho bitsa lebitso la Allah), ho hlatsoa liatlana makhetlo a mararo, ebe kamor'a moo o hlatsoa likarolo tsa botona / bots'ehali le litono.

03-Wudhu e felletseng joalokaha Lemoseleme le e etsa sebakeng sa thapelo.

04-Ho ts'ela metsi hloohong makhetlo a mararo, a lokela ho kenella le hare-hare metsong ea moriri.

05-Ho kolobisa 'mele ohle ka metsi, ho qaloa ka ho hlatsoa lehlakore le letona la 'mele ebe ho latela le lets'ehali, ho tsamaisa letsoho 'moho le metsi ho fihlela qetellong ea 'mele.

Motho ea nang le lits'ila tse kholo (Junub) ha a lokela ho etsa lintho tse latelang ho fihlela a entse ghusl:

01 Thapelo.

02 Ho pota-pota Ka'abah.

03 Ho lula kahar'a Masjid, ho ea lumelleha le ho e etsa kantle le ho lula.

04 Ho ts'oara Mus-haf.

05 Ho bala Kor'ane.

Tayammum

Haeba Lemoseleme le sa fumane metsi ao le ka itlhoekisang ka ona, kapa le sitoa ho sebelisa metsi ka lebaka la bokulo kapa lintho tse ling 'me le ts'aba hore le tla siuoa ke nako ea thapelo joale le lokela ho etsa tayammum ka mobu.

Mokhoa oa ho e etsa ke oa hore ho phaphathoe ka bokahare ba liatlana ka bobeli mobung ha 'ngoe, ebe ho pholloa sefahleho le liatlana ka tsona. Ke setlamo hore ebe mobu o hloekileng.

Tayammum e sengoa ke lintho tsena:

1. Tayammum e sengoa ke se senyang wudhu.

2. Haeba metsi a fumanoa pele ho qaloa borapeli, Tayammum e felloa ke matla.

Salaat (Thapelo)

Allah O entse hore holim'a Lemoseleme le leng le leng thapelo tse hlano li tlame letsatsing le bosiung ba teng, eleng: Fajr, Dhuhr, Asr, Maghrib le Isha.

Ho itokisetsa thapelo

Ha nako ea thapelo e fihlile Lemoseleme le ea itlhoekisa khahlanong le lits'ila tse nyane le tse kholo, tse kholo haeba feela le ne le lokela ho itlhoekisa ho tsoa ho tsona.

Lits'ila tse kholo ke: se tlamang Lemoseleme hore le etse ghusl.

Lits'ila tse nyane ke: se tlamang Lemoseleme hore le etse wudhu.

Lemoseleme le rapela le apere liphahlo tse hloekileng, sebakeng se hloekileng, moo ho seng lits'ila tsa mofuta ofe kapa ofe, le bile le koaetse 'mele haholo likarolo tse hlomphehang tsa botona le litono.

Lemoseleme le iketsa botle ka ho apara liphahlo tse nepahetseng ka nako ea thapelo, le koaela 'mele oa lona ka tsona, ha ho ea lumelleha sebakeng sa monna hore ho be le karolo e hlahellang ea 'mele oa hae e lipakeng tsa mokhubu le mangole.

Mosali o tlameha ho koaela 'mele ohle oa hae, ha a etsa thapelo kantle le sefahleho le liatlana.

Lemoseleme ha le le thapelong ha le bue letho kantle le lintho tse ikhethang tsa eona, le mamela Imaam, ha le hetle kapa ho qamaka ha le le thapelong, haeba le sa boloka letho la mantsoe a sebelisoang thapelong ka ho khetholoha, le lokela ho rorisa Allah le ho Mo tlotlisa, ho fihlela le qetile thapelo, empa ho ea le tlama hore le ithute lithapelo le mantsoe a khethehileng a tsona.

Hore re rapele ka tsela e nepahetseng, ha Molimo A ratile, re lokela ho latela methati e latelang:

Mothati oa pele: Maikemisetso a ho etsa thapelo e tlamang eo ke ratang ho e rapela, 'me sebaka sa maikemisetso se pelong.

Kamor'a hore ke etse wudhu, ke sheba Qibla, ke rapela ke eme haeba ke na le bokhoni bo joalo.

Mothati oa bobeli: Ke phahamisa matsoho a ka ka bobeli ho bapa le mahetla ebe ke re: Allahu Akbar (Molimo O Moholo ka ho fetisisa) ke ikemiselitse ho etsa thapelo.

Mothati oa boraro: Ke bala Du'a (thapelo) e qalang ho ea ka tse hlahellang libukeng, 'me kahar'a tsona ke:(Subhanakallahumma wa bihamdika, wa tabaarakas muka, wa ta'alaa jadduka, wa laa ilaha ghayruk) Khanya le lithoriso li be ho Uena oho Molimo, lebitso la Hau le halaletsoe, ho phahamisoe botlotlehi ba Hau, kaha ha ho ea lokeloang ke ho rapeloa kantle ho Uena.

Mothati oa bone: Ke kopa ts'ireletso khahlanong le Satane ea rohakehileng, 'me ke re:(Audhu billahi minash Shaytoanir rajim - Ke kopa ts'ireletso ho Molimo khahlanong le Satane ea rohakeileng.)

Mothati oa bohlano: Ke bala Al-Fatihah karolong e 'ngoe le e 'ngoe ea thapelo, eleng hore:﴿ الْحَمْدُ لِلَّهِ رَبِّ الْعَالَمِينَ * ﴾Ho rorisoe Allah Morena oa lintho tsohle﴿الرَّحْمَنِ الرَّحِيمِ * ﴾Ea Lereko, Ea Mohau﴿مَالِكِ يَوْمِ الدِّينِ * ﴾Morena oa Letsatsi la Kahlolo﴿إِيَّاكَ نَعْبُدُ وَإِيَّاكَ نَسْتَعِينُ * ﴾Uena Feela re a U rapela, 'me ho Uena Feela re kopa thusa﴿اهْدِنَا الصِّرَاطَ الْمُسْتَقِيمَ * ﴾Re bonts'e tsela e otlolohileng﴿صِرَاطَ الَّذِينَ أَنْعَمْتَ عَلَيْهِمْ غَيْرِ الْمَغْضُوبِ عَلَيْهِمْ وَلَا الضَّالِّينَ﴾. ﴾Tsela ea bao U ba hauhetseng eseng ea bao ba U khopisitseng kapa ea ba khelohileng﴿

Ebe ke re: (Ameen), eleng hore: Oho Molimo nkarabe.

Kamor'a Al-Fatihah, ke bala seo ke se khonang Kor'aneng, karolong ea pele ea thapelo le ea bobeli. Sena ha se tlame, empa ho etsa joalo ho na le moputso o moholo.

Mothati oa bots'elela: Ke re: (Allahu Akbar) ebe ke ea inama ke ts'oere mangole ke arohantse menoana (Rukoo), ho fihlela hlooho le 'mele li otlolohile. Nakong eo ke leng ho rukoo, ke re: (Subhaana Rabbiyal Adoim – Khanya ebe ho Morena oaka Ea Moholo-holo) makhetlo a mararo.

Mothati oa bosupa: Ke phahama ho tsoa rukoo, ke re: (Sami'allahu liman hamidah – Molimo O utloa ba Mo rorisang), ke phahamisa matsoho ho lekana le mahetla, hang ha ke qeta ho ema ke re: (Rabbana wa lakal hamd – Morena oa rona lithoriso li be ho Uena).

Mothati oa borobeli: Ke re: (Allahu Akbar), ebe ke etsa Sujud (eleng ho khumama) ka ho ts'oara fats'e ka matsoho, mangole, maoto a mabeli, phatla le nko, ebe ke re ha ke le ho Sujud: (Subhana Rabbiyal A'alaa - Khanya ebe ho Morena oaka Ea Holimo) makhetlo a mararo.

Mothati oa borobong: Ke re: (Allahu Akbar), ebe ke ea phahama ho tloha ho sujud ho fihlela ke otlolohile, ke lutse hantle holim'a leoto la leqele, ke re: (Rabbighfirli – Morena oaka, Nts'oarele) makhetlo a mararo.

Mothati oa leshome: Ke re: (Allahu Akbar), ebe ke boela ke etsa sujud joaloka lekhetlo la pele.

Mothati oa leshome le motso o mog: Ke phahama ho Sujud, ka hore: (Allahu Akbar) ho fihlela ke eme hantle, ebe ke etse ho likarolo tsohle tsa thapelo joalokaha ke entse karolong ea pele.

Kamor'a karolo ea bobeli thapelong ea dhuhr (mots'eare), Asr (Mantsiboea), Maghrib (ha letsatsi le qeta ho likela) le Isha (bosiu) kea lula hore ke bale At-Tashahud ea pele, eona ke:(At-tahiyaatu lillahi was soalawaati wat toayibaat, as salaam alayka ayyuhan Nabi, wa rahmatullahi wa barakatuh, as salaamu alayna wa ala ibaadillahis swalihin, ash hadu an laa ilaha illallah, wa ash hadu anna Muhammadan abduhu wa rasuluh – Litumeliso, lithapelo le liketso tse ntle li be ho Molimo, khotso ebe le uena Oho Moporofeta, mohau oa Molimo le mahlohonolo a Hae, khotso ebe le rona le ho bahlanka ba Molimo ba lokileng, ke beha bopaki hore ha ho mang kapa mang ea lokeloang ke ho rapeloa kantle le Molimo, ke boele ke behe bopaki ba hore Muhammad ke mohlanka le morumuoa oa Hae.)Ebe kea ema ho etsa karolo ea boraro kamor'a moo.

Kamor'a karolo ea ho qetela ea thapelo e 'ngoe le e 'ngoe ke lula fats'e ho etsa at-tashahud ea ho qetela, eleng:(At-tahiyaatu lillahi was soalawaati wat toayibaat, as salaamu alayka ayyuhan Nabi wa rahmatullahi wa barakatuh, as salaamu alayna wa ala ibaadillahis swalihin, ash hadu an laa ilaha illallah, wa ash hadu anna Muhammadan abduhu wa rasuluh, Allahumma Swalli ala Muhammad wa ala ali Muhammad, kamaa swalayta ala Ibrahim wa ala ali Ibrahim, innaka hamidum majid. Allahumma baarik ala Muhammad wa ala ali Muhammad, kamaa baarakta ala Ibrahim wa ala ali Ibrahim, innaka hamidum majid– Litumeliso, lithapelo le liketso tse ntle li be ho Molimo, khotso ebe le uena Oho Moporofeta, mohau oa Molimo le mahlohonolo a Hae, khotso ebe le rona le ho bahlanka ba Molimo ba lokileng, ke beha bopaki hore ha ho mang kapa mang ea lokeloang ke ho rapeloa kantle le Molimo, ke boele ke behe bopaki ba hore Muhammad ke mohlanka le morumuoa oa Hae. Oho Allah, etsa hore Muhammad a rapelloe, O etse hore le lelapa la Muhammad le rapelloe joalokaha O e ntse hore Abrahama a rapelloe 'moho le lelapa la Abrahama, ruri O lokeloa ke lithoriso le botlotlehi, Oho Allah, hlohonolofatsa Muhammad le lelapa la Muhammad joalokaha O hlohonolofalitse Abrahama le lelapa la Abrahama, ruri O lokeloa ke lithoriso le botlotlehi)

Mothati oa leshome le metso e 'meli: kamor'a seo ke lumelisa ka lehlakoreng laka le letona, ka hore: (As salaamu alaykum wa rahmatullah – khotso ebe le lona le mohau oa Molimo) ebe ke lumelisa ka lehlakoreng laka le lets'ehali ka hore: (As salaamu alaykum wa rahmatullah – khotso ebe le lona le mohau oa Molimo), ka maikemisetso a ho phethela thapelo, 'me ka hoo ke phethetse thapelo.

Seits'ireletso sa mosali oa Lemoseleme

Allah O re:﴿ يَا أَيُّهَا النَّبِيُّ قُلْ لِأَزْوَاجِكَ وَبَنَاتِكَ وَنِسَاءِ الْمُؤْمِنِينَ يُدْنِينَ عَلَيْهِنَّ مِنْ جَلَابِيبِهِنَّ ذَلِكَ أَدْنَى أَنْ يُعْرَفْنَ فَلَا يُؤْذَيْنَ وَكَانَ اللَّهُ غَفُورًا رَحِيمًا﴾ ﴾Oho Uena Moporofeta, ere ho basali ba hau le ho barali ba hau 'moho le ho basali ba balumeli ba koaele ka mese ea bona 'mele eohle, seno se molemo 'me ho nepahetse ha ba tsebahala hona le ho hlabisa lihlong, kannete-nete Allah O ea ts'oarela O Lereko﴿[Al-Ahzab: 59]

Molimo O entse hore ho tlame ho basali ba Mamoseleme hore ba koaele 'mele eohle ea bona le ho koaela likarolo tsa bona tsa bohlokoa hore banna bao eseng baamani le bona ba se ba bonele, ha ho ea lumelleha hore a ka hlobola liaparo tsa hae boteng ba banna bao eseng banna ba bona kapa baamani le bona, eleng: bao ho sa lumelleheng hore ba ka nyalana le bona ka lebaka la bohaufi ba likamano, eleng (ntate, mora, bana ba bontate, ba bomme, khaitseli, bara ba likhaitseli, bana ba bana babo, monna oa 'm'e oa hae, matsale, mor'a molekane, khaitseli ea hae e banyants'itsoeng ke 'm'e a le mong (eo eseng 'm'e oa bona kapa emong oa bona), molekane oa 'm'e ea mo nyants'itseng. Maemo a motsoali ea tsoetseng ngoana le ea nyants'itseng ngoana eo a ea ts'oana.

Mosali oa Lemoseleme o latela melaoana e 'maloa malebana le kaparo:

Oa pele: ho koaela 'mele kaofela hoa ona.

Oa bobeli: ha e ea lokela hore ebe ke liphahlo tse bonts'ang botle ba 'mele oa hae moo banna bao eseng baamani le eena ba leng teng.

Oa boraro: ha li ea lokela hore ebe ke liaparo tse bobebe tse bonts'ang 'mele oa hae.

Oa bone: ho lokela hore ebe ke liphahlo tse kholo tse sa mo tiiseng, tse bonts'ang sebopeho sa 'mele oa hae.

Oa bohlano: ha a lokela ho sebelisa linyanyatsi tse nkhang hamonate, haeba a tla fetana le banna bao eseng baamani le eena, ebe ba tla utloa monkho.

Oa bots'elela: ha li ea lokela ho ts'oana le tsa banna.

Oa bosupa: ha li ea lokela ho ts'oana le tsa batho bao eseng Mamoseleme, liaparong tsa bona tsa borapeli kapa tsa mekete.

Oa borobeli: ha li ea lokela ho ba liaparo tsa setumo.

Lintho tseo molumeli a khetholohang ka tsona

Allah O itse:﴿ إِنَّمَا الْمُؤْمِنُونَ الَّذِينَ إِذَا ذُكِرَ اللَّهُ وَجِلَتْ قُلُوبُهُمْ وَإِذَا تُلِيَتْ عَلَيْهِمْ آيَاتُهُ زَادَتْهُمْ إِيمَانًا وَعَلَى رَبِّهِمْ يَتَوَكَّلُونَ﴾ ﴾Ruri, balumeli bao ereng ha ba utloa lebitso la Allah, pelo tsa bona li ea thothomela, 'me ha ba balloa litemana tsa Hae tumelo tsa bona li ea nyoloha 'me le ts'epo ea bona e eba ho Morena oa bona﴿[Al-Anfal: 2]

-O bua 'nete ha a thetse.

-O phethahatsa selekane le lits'episo.

-Ha a be hlaha nakong ea ngangisano.

-O ts'epahalla ho boloka lithepa tse siiloeng polokong ea hae.

-O ratela Lemoseleme le leng seo a ithatelang sona.

-O mohau.

-O etsa botle bathong.

-O boloka likamano tsa lelapa/baamani le eena.

-O thabisoa ke seo Allah A mo etselitseng sona, o Mo leboha linakong tsa thabo le nyakallo ebile o na le mamello ka linako tse boima le mathata.

-Ona le ts'oabo.

-O hauhela 'mopo o mong

-Ha a khone ho boloka mahloeo ka pelong ea hae 'me ha a shoele ba bang mona.

-O ts'oarela batho ba bang.

-Ha a sebelise tsoala licheleteng ebile ha a sebetse ka eona.

-Ha a etse bohlola.

-Ha a sebelise tai.

-O sireletsa likamano tse ntle tsa hae le baahisane ba hae.

-Ha a tlatlape ebile ha a fetohele ba bang.

-Ha a utsoe ebile ha a qhekelle.

-O hlonepha batsoali, leha ese Mamoseleme, o ba mamella le ho phethahatsa litaelo tsa bona linthong tse nepahetseng.

-O holisa bana ba hae ka tsela e nepahetseng haholo, o ba laela ho etsa lintho tse molaong, 'me o ba thibela ho etsa lintho tse sa lokang le libe.

-Ha a etsise batho bao eseng Mamoseleme linthong tsa bona tsa borapeli kapa litloaelong tsa bona tseo eseng eka ke moetlo kapa molao ho bona.

-O bakela libe tsa hae, a be a kope ts'oarelo ho Molimo khahlanong le melato le libe tsa hae.

Melaoana ea bohlokoa tumelong ea Lemoseleme.

01-Allah, ke Morena oa rona, ha ho ea lokeloang ke ho rapeloa kantle ho Eena, ha ho morena kantle ho Eena, 'me ha ho Molimo haese Eena, ha ho letho le ts'oanang le Eena, ha ho letho le ka Mo thusang, 'me Eena ke Ea Utloang le ho bona ka ho fetisisa.

02-Molimo khanya ebe ho Eena O Leholimong le holimo-limo ho feta libopuoa tsohle tsa Hae, ka ho ba sirella hoba moo ba sa 'moneng, Boholo ba Hae ke ba linako tsohle bo sa feleng, Boholo boo eleng bona ba tlholeho, Boholo ba ho betlela lintho tsohle tsela ea tsona ea ho phela, Boholo ba hore ke Eena Feela Ea laolang lintho tsohle, ke Eena Eo khanya eleng ho Eena Ea taolong ea lintho tsohle.

03-Re tiisa seo Allah Ea Matla Ohle A se tiisitseng ka Boeena kapa seo Moporofeta oa Hae (KEL) a se tiisitseng, mabitsong le boleng ba Hae Ea Matla Ohle. Re latola seo Allah A se latotseng ka Boeena kapa seo Moporofeta oa Hae (KEL) a se latotseng.

04-Allah Ea Matla Ohle O araba lithapelo, O phethahatsa litlhoko, 'me O na le lintho tsohle, ha ho ea nang le bokhoni ba ho hlokofatsa kapa ho tsoela molemo kantle ho Eena, ha ho se ka etsahallang mohlanka kantle ho tsebo ea Hae, Lemoseleme ha le ea lumelloa ho ba le maikutlo a ho etsa eng kapa eng ea bolumeli kantle ho Allah tse joaloka du'a (lithapelo tsa maikutlo), Salaat (thapelo), mahlabelo, ho ts'aba, ho kopa, ho ba le ts'epo le tse ling tse fapaneng le tsena ho tsoa linthong tsa borapeli tse tsebahalang le tse sa tsebahaleng, 'me ea lebisang khumamelo ho emong kantle ho Allah ea joalo ke Mushrik (ea rapelang melimo e fetang bonngoe)

05-Bobe bo boholo le sebe se seholo ka ho fetisisa ke ho kopanya Allah borapeling, ea shoang a le tlas'a shirk (ho kopanya Allah borapeling) ha a lumelloa ho kena Jannah (Leholimong) 'me sebaka sa hae ke Jahannam (mollong oa lihele), 'me ke sona sebe seo Allah A ke keng A se ts'oarela ha motho a ka shoa a ntse a se etsa 'me a sa se bakela.

06-Mohlanka a ke ke a ahloleloa seo a se entseng ka phoso, 'me se mo oetseng ke hobane a ne a ke ke a khona ho se qoba, Lemoseleme le lokela ho lumela hore Allah O se A ntse A file ntho e 'ngoe le e 'ngoe tsela ea bophelo, le ho amohela se mo etsahallang, le ho rorisa le ho Mo leboha ka linako tsohle.

07-Muhammad (KEL) Moporofeta oa rona, ke motho oa bohlokoa ka ho fetisisa le mokoallo oa baporofeta, 'me ke eena ea tlang ho ba 'muelelli ka Letsatsi la kahlolo, Allah O mo entse motsoalle oa Hae joalokaha A ile A etsa Abrahama (KEL) motsoalle oa Hae.

08-Buka ea rona ke Kor'ane e halalelang, mohlolo har'a mehlolo, e ntse ele boemong ba eona ba mathomo, e sebelisoang ha ho rapeloa, Allah O e senotse ho Moporofeta oa rona Muhammad (KEL) ka ho romela lengeloi Khabariele (KEL), eleng lengeloi le ratehang ka ho fetisisa kahar'a mangeloi, ruri Allah O e sirellelitse khahlanong le ho fetoloa, ho e senya kapa ho eketsa le ho fokotsa joalokaha A itse:﴿ إِنَّا نَحْنُ نَزَّلْنَا الذِّكْرَ وَإِنَّا لَهُ لَحَافِظُونَ﴾ ﴾Ruri, Re theoletse sehopotso 'me Re tla se sireletsa﴿[Al-Hijr: 9].

09-Batho ba haufi le Allah ke ba Mo mamelang, 'me boholo ba bona ke ba latelang melao ea Hae, ha ho ea molemo ho feta emong pakeng tsa Learabo le eo eseng Learabo, kapa eo eseng Learabo ho Learabo, kapa ea mosoeu ho ea mots'o, kapa ea mots'o ho ea mosoeu, kantle le ho ba le ts'abo, batho ba tsoa ho Adama, 'me Adama o tsoa mobung, Ea Matla Ohle O itse:﴿ إِنَّ أَكْرَمَكُمْ عِنْدَ اللَّهِ أَتْقَاكُمْ﴾ ﴾Ruri ea betere ho lona ke ea nang le ts'abo ka ho fetisisa﴿[Al-Hujurat: 13].

10-Lemoseleme le lumela ho Mangeloi a tlotlehang a ngolang, o lumela boteng ba ona, le hore ke bahlanka ba bopiloeng, Allah O a bopile: ho tsoa khanyeng, 'me ona ke 'mopo ho tsoa libopuoeng tsa Allah Ea Matla Ohle, har'a bona ho na le Khabariele ea ikarabellang ho ts'enolo ho ea baporofeteng, Mikaeel ea ikarabellang ho neseng pula, Israfeel ea ikarabellang ho terompeta ea Letsatsi la ho Qetela, Malakal Maut ea ikarabellang ho nts'eng moea 'meleng ea batho (ka mantsoe a mang ke Lengeloi la lefu).

11-Lemoseleme le lumela ho mats'oao a hora ea ho qetela, le ho hlahella hoa Masihud Dajjaal, ho khutla hoa Jesu Mor'a Maria (KEL), ho tsoa Leholimong ka nako tsa ho qetela, le ho chaba hoa letsatsi bophirima.

12-Lemoseleme le lumela hore ho na le kahlolo ea lebitleng ho batho ba e sebellelitseng, e be phomolo le boiketlo ka lebitleng ho ba li sebellelitseng, le lipotso tsa Munkar le Nakeer (mangeloi a ikarabellang ho lipotso ka lebitleng) ka Morena oa hau, tumelo ea hau, le Moporofeta oa hau, le hore lebitla ke serapa kahar'a lirapa tsa Leholimo kapa sekoti kahar'a likoti tsa Lihele.

13-O lumela ho tsoho le moputso oa mesebetsi ka Letsatsi la Kahlolo, le hore Leholimo le Lihele ke libopuoa tse peli tse ke keng tsa felisoa ho hang.

14-Boselamose (bommeijiki) ke ho se lumele ho Allah, ha ho ea lumelleha ho ithuta bona, le ho ea ho bona kapa lingaka tse sebetsang ka ho laola, Lemoseleme ha le lumele litaba tsa batho ba ipitsang baporofeta le linooe, 'me ea lumelang litaba tsa bona ruri o se a latotse/shanolitse se tlileng le Muhammad (KEL) ho tsoa ho Molimo.

15-Lemoseleme le rata bats'ehetsi (Sahabah) ba Morumuoa oa Allah (KEL), ebile le rata ea ba ratang, le hloile ea ba hloileng, kaha lerato la bona ke karolo ea tumelo le botle, polelo ea hore ba bang ba bona ba ile ba furalla tumelo ha ba bang ebile baikaketsi ke thohako ho bona, Khotso ebe le eena o itse: (Le se ke la rohaka Sahabah tsa ka) e qotsitsoe ho Muslim. Mang le mang ea nyelisang kapa ea khesang emong oa bats'ehetsi (eka Allah A ka thabisoa ke bona kaofela) ke ea khelohileng ea lahlehileng ebile e le moiqapeli litabeng tsa tumelo.

16-Mamoseleme a ile a khetha moetelli-pele (Khalifa) kamor'a lefu la Morumuoa oa Allah (KEL): oa pele ebile Abu Bakr As-Siddiq (Allah A mo hauhele - AMH) eaba o lateloa ke Umar bin Al-Khattoab (AMH), eaba e eba Uthman (AMH), eaba eba Ali bin Abi Toalib (AMH), bana ba bitsoa Khulafa Rashidun le baeta-pele ba tataisehileng.

17-Borapeli bo tsitsitse, ka hona ha ho lumellehe ho rapela Allah Ea Matla Ohle ka borapeli kantle le hore ebe bo hlahelletse Bukeng ea Hae kapa ho Sunnah ea Morumuoa oa Hae (KEL), borapeli bohle bo hlahelletseng kamor'a lefu la Moporofeta (KEL) bo sa lateleng lithuto tsa hae ke ba boiqapelo 'me ka hona bo lokela ho furalloa, Khotso ebe le eena o itse: (Ea qalang ntho kahare ho tsela ena ea rona seo eseng karolo ea sona, seo se furalloe). E qotsitsoe ho Bukhari

18-Kamohelo ea borapeli e its'etlehile holim'a lits'iea tse peli eleng: Ho rapela Molimo kannete le tieo, ea bobeli ke ho latela Moporofeta (KEL) ho eona, borapeli ha bo amoheloe ha feela bo sa khetholoha ho Allah, ebile bo se tlas'a tataiso ea Morumuoa oa Allah (KEL).

Thabo eaka e tumelong eaka eleng Islamo.

Allah O re:﴿ مَنْ عَمِلَ صَالِحًا مِنْ ذَكَرٍ أَوْ أُنْثَى وَهُوَ مُؤْمِنٌ فَلَنُحْيِيَنَّهُ حَيَاةً طَيِّبَةً وَلَنَجْزِيَنَّهُمْ أَجْرَهُمْ بِأَحْسَنِ مَا كَانُوا يَعْمَلُونَ﴾ ﴾Ea sebetsang ka ho loka, ele ea motona kapa ea mots'ehali, nakong eo eleng molumeli, Re tla mo fa bophelo bo nepahetseng 'me Re tla mo putsa ka moputso oa bona o motle hoja ba ne ba ka tseba﴿[An-Nahl: 97].

Se ka sehloohong se tlisang thabo, nyakallo le khotsofalo pelong ea Lemoseleme ke likamano tse otlolohileng lipakeng tsa hae le Morena oa hae, kantle le bokena-lipakeng hoa tse phelang, tse shoeleng kapa lits'oants'o (tse betliloeng kapa tse bopiloeng), kaha Allah O ngotse ka bukeng ea Hae e halalelang hore ruri O haufi le bahlanka ba Hae ka linako tsohle, O ea ba utloa ebile O araba likopo tsa bona ha ba kopa (rapela), joalokaha Eo Khanya eleng ho Eena A itse:﴿ وَإِذَا سَأَلَكَ عِبَادِي عَنِّي فَإِنِّي قَرِيبٌ أُجِيبُ دَعْوَةَ الدَّاعِ إِذَا دَعَانِ فَلْيَسْتَجِيبُوا لِي وَلْيُؤْمِنُوا بِي لَعَلَّهُمْ يَرْشُدُونَ﴾ ﴾Ha mohlanka oaka a u botsa ka 'Na, ruri Ke haufi ebile Ke araba pitso ea ea hoelehetsang ha a hoelehetsa, ke hore ba nkarabe ba lumele ho 'Na ka ts'epo ea hore ba tataisehe﴿[Al-Baqara: 186],O re laetse Eo Khanya eleng ho Eena hore re kope ho Eena, a ba a etsa hore taba ena hore ebe e 'ngoe ea litaba tse ka sehloohong tsa borapeli tse atameletsang Lemoseleme ho Morena oa lona, ho ea kamoo A Matla Ohle A itseng:﴿ وَقال رَبُّكُمُ ادْعُونِي أَسْتَجِبْ لَكُمْ إِنَّ الَّذِينَ يَسْتَكْبِرُونَ عَنْ عِبادَتِي سَيَدْخُلُونَ جَهَنَّمَ داخِرِينَ ﴾ ﴾'Me Morena oa hau O itse, "Mpitseng, ke tla le araba, ruri bao ba ikhohomosang sebakeng sa ho nthapela batla kena hare-hare Jahannam (Liheleng)"﴿[Ghafir: 60],'Me Lemoseleme la 'nete le lula le hloka Morena oa lona, ka linako tsohle o lula a rapela, a Mo atamela ka lintho tsa borapeli tse nepahetseng.

Allah O re bopile lefats'eng lena ka bohlale bo boholo ka ho fetisisa, ha A re bopela lefeela; O re bopetse ho Mo rapela A Inoosi A sena molekane Bomolimong ba Hae, A re etsetsa tumelo ea ts'enolelo e felletseng e kenyellelitseng lintho tsohle tse hlokahalang maphelong a rona, tse khethehileng le tse akaretsang, A bonts'a hona melaong ena e nepahetseng, lintho tsa bohlokoa tse ka sehloohong eleng tumelo ea rona, maphelo a rona, litakatso tsa rona, likelello tsa rona le maruo a rona, ea phelang ka ho latela litaelo tsa melao (Shar'iah), a qoba lintho tsohle tse fosahetseng, ruri o phethahalitse lintho tsena tse ka sehloohong, o phela ha monate ka boiketlo ntle le khoao.

Khokahano ea Lemoseleme le Morena oa lona e tebile ho teba 'me e tlisa khotso le maikutlo a pholileng, o ikutloa a lokolohile, a sirelletsehile ebile a thabile, o utloa boteng ba Morena Ea Tlotlehang, Ea halalelang, ts'ireletso ea Hae le bohlokomeli ba Hae holim'a mohlanka oa Hae ea ts'epahalang. Ea Matla Ohle O itse:﴿ اللَّهُ وَلِيُّ الَّذِينَ آمَنُوا يُخْرِجُهُمْ مِنَ الظُّلُمَاتِ إِلَى النُّورِ﴾ ﴾Allah ke Mohlokomeli oa ba lumelang, O ba nts'a mafifing ho ea khanyeng﴿[Al-Baqara: 257].

Likamano tsena tse kholo ke maemo a tebileng haholo a lebisang thabong ea ho rapela Ea Lereko, le ho lakatsa ho teana le Eena, 'me pelo ea hae e fofa sepaka-pakeng ke thabo ka ho fofonela monate oa tumelo.

Monate oo oa tumelo o ke ke oa hlalosoa kantle le ba kileng ba o latsoa ka ho etsa lintho tsa borapeli ebile ba qoba lintho tse mpe. Ka seo Moporofeta (KEL) o ne a re:(ذاق طعم الإيمان من رضي بالله ربًا وبالإسلام دينًا وبمحمد رسولًا) (Eo ea khotsofaletseng Molimo ele Morena, Islamo ele tumelo le Muhammad ele Morumuoa oa Hae, o se a latsoitse monate oa tumelo.)E qotsitsoe ho Muslim.

E ea, ha motho a utloa boteng ba hae matsohong a 'Mopi oa hae, a Mo tseba ka Mabitso a Hae a matle le Boleng ba Hae bo botle, a Mo rapela joalokaha eka o ea 'Mona, a hloekisa bolumeli ba hae ka ho Mo khetholla borapeling, a bile a sa lakatse letho kantle ho Allah Ea Matla Ohle, a phela bophelo bo nepahetseng, bo thabisang lefats'eng, 'me o tla una moputso o motle kamor'a lefu.

Esita le mathata a oelang molumeli lefats'eng lena, ruri mocheso oa ona o pholisoa ke botsitso (ba tumelo), holim'a seo Allah A mo ngoletseng sona, le ho Mo leboha malebana le lintho tsohle tseo A mo ngoletseng tsona, botle ba teng le bobe ba teng, 'me khotsofalo e fella ka botlalo ho eona.

E 'ngoe ea lintho tseo Lemoseleme le lokelang ho ba hlokolosi ka tsona hore le tsebe ho eketsa thabo ea lona, ke ho lula le ntse le rapela Molimo O Matla Ohle le ho bala Kor'ane e halalelang, joalokaha Ea Matla Ohle A itse:﴿ الَّذِينَ آمَنُوا وَتَطْمَئِنُّ قُلُوبُهُمْ بِذِكْرِ اللَّهِ أَلَا بِذِكْرِ اللَّهِ تَطْمَئِنُّ الْقُلُوبُ﴾ ﴾Bao ba lumelang, ebile le pelo tsa bona li tsitsitse ka ho hopola Molimo, ebe hase khopolong ea Allah moo lipelo li fumanang phomolo?﴿[Ar-Ra'd: 28].Makhetlo ao Lemoseleme le hopolang (rapelang) Molimo le ho bala Kor'ane, ke tsela eo a hokahanang le Molimo ka teng, le ho itlhoekisa 'moho le ho phahama tumelong ea lona.

Ka ho ts'oana ho hlokahala hore Lemoseleme le be le thahasello ea ho ithuta litaba tsa tumelo ea lona, ho tsoa libakeng tse nepahetseng ho fihlela le rapela Allah Ea Matla Ohle ka kutloisiso e kholo, joalokaha Moporofeta (KEL) a itse:(Ho tsoma tsebo ho ea tlama ho Lemoseleme le leng le le leng).E qotsitsoe ho Ibn MajahHore le ikobe ka boikobo ba 'nete ho litaelo tsa Molimo Ea Matla Ohle, Ea le bopileng, ho sa tsotellehe hore na le tseba bohlale ba hona kapa ha le tsebe, kaha Allah O itse ka bukeng ea Hae e halalelang:﴿ وَمَا كَانَ لِمُؤْمِنٍ وَلَا مُؤْمِنَةٍ إِذَا قَضَى اللَّهُ وَرَسُولُهُ أَمْرًا أَنْ يَكُونَ لَهُمُ الْخِيَرَةُ مِنْ أَمْرِهِمْ وَمَنْ يَعْصِ اللَّهَ وَرَسُولَهُ فَقَدْ ضَلَّ ضَلَالًا مُبِينًا﴾ ﴾Ha ho so etsahale ho Lemoseleme le letona le le lets'ehali hore ha Allah le Morumuoa oa Hae ba fane ka taba ebe ba ba le khetho ea bona, ea fosetsang Allah le Morumuoa oa Hae, ruri ke ea lahlehileng tahlehong e hlakileng﴿[Al-Ahzab: 36].

Eka mahlohonolo le khotso li ka ba holim'a Moporofeta oa rona Muhammad, lelapa la hae le bats'ehetsi ba hae kaofela.

Tataiso e Bohlokoa sebakeng sa Lemoseleme

Selelekela

Bohlale ba ho bopa bahlanka.

Molimo oaka ke Allah

Ho tsoa ho mabitso a Hae a matle:

Moporofeta Muhammad (khotso ebe le eena)

Muhammad (KEL) ke mohau o inehetseng:

Tse ling tsa limelo tsa hae (KEL):

Kor'ane e halalelang ke lentsoe la Molimo

Tumelo eaka ke Islamo

Boemo ba pele: Islamo

Ts'iea tsa Islamo

Ts'iea ea pele: Shahadah eleng ho hlapanya hore ha ho molimo kantle ho Allah le hore Muhammad ke Morumuoa oa Allah.

Ts'iea ea bobeli: Ho etsa Salaat (Thapelo).

Ts'iea ea boraro: ho nts'a Zakah.

Ts'iea ea bone: ho itima ka khoeli ea Ramadhan.

Ts'iea ea bohlano: Hajj (leeto la borapeli) ho ea Ka'abah (Ntlong ea Allah).

Boemo ba bobeli: tumelo

Ts'iea tsa tumelo

Ts'iea ea pele: Ho lumela ho Allah

Ts'iea ea bobeli: Ho lumela ho Mangeloi.

Ts'iea ea boraro: Ho lumela libukeng.

Ts'iea ea bone: Ho lumela ho barumuoa.

Ts'iea ea bohlano: Ho lumela ho Letsatsi la ho qetela.

Ts'iea ea bots'elela: Ho lumela ho qadr botle ba eona le bobe ba eona.

Boemo ba boraro: Ho etsa hantle (Al-Ihsaan)

Bohloeki

Wudhu

Mothati oa leshome: Ke Sunnah ho Lemoseleme kamor'a ho etsa Wudhu ho re "Ash hadu an laa ilaha illallahu wahdahu laa sharika lah, wa ash hadu anna Muhammadan 'abduhu wa rasuluh, Allahumma ij'alni minat tawwaabina, waj 'alni minal mutadoah hirin" ho ea ka puo ea Moporofeta (KEL): (Ea etsang wudhu, ebe o etsa wudhu ea hae ka bokhabane, ebe o re: Ke beha bopaki hore ha ho ea lokeloang ke ho rapeloa kantle ho Allah Ea Inoosi, Ea se nang molekane, ke boele ke behe bopaki hore Muhammad (KEL) ke mohlanka le morumuoa oa Hae, oho Allah nketse emong oa ba bakang, U nketse emong oa ba hloekileng, o buleloa mamati a robeli a Leholimo, 'me o kena ka leo a le ratang.) E qotsitsoe ho Tirmidhi.

Ho pholla holim'a likausu tsa letlalo le tsa lesela.

Ghusl

Tayammum

Salaat (Thapelo)

Ho itokisetsa thapelo

Seits'ireletso sa mosali oa Lemoseleme

Lintho tseo molumeli a khetholohang ka tsona

Melaoana ea bohlokoa tumelong ea Lemoseleme.

Thabo eaka e tumelong eaka eleng Islamo.